28. “Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.”
29. Yare hoba a bue mantswe ana, Bajuda ba tsamaya ba phehisane kgang ya letwatwa.
30. Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.
31. A phatlalatsa tsa Mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka sebete, ho se na thibelo.