Diketso 28:22-30 BIBELE (SSO89SO)

22. Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”

23. Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.

24. Ba bang ba kgodiswa ke tseo a di buileng, empa ba bang ba se ke ba dumela.

25. Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,

26. wa re:“ <Tsamaya,o yo bolella setjhaba sena: o re:Ho utlwa le tla utlwa,empa le ke ke la utlwisisa;ho sheba le tla sheba,empa le ke ke la bona;

27. hobane pelo ya setjhaba senae thatafetse,se thibane ditsebe,se itutubaditse;esere mohlomongsa bona ka mahlo a sona,sa utlwa ka ditsebe tsa sona,sa utlwisisa ka pelo tsa sona,sa sokoloha,yaba ke a se fodisa.> ”

28. “Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.”

29. Yare hoba a bue mantswe ana, Bajuda ba tsamaya ba phehisane kgang ya letwatwa.

30. Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.

Diketso 28