20. Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.”
21. Yaba ba re ho yena: “Ha re eso ka re amohela mangolo a tswang Judea a buang ka wena; hape ha ho eso be le ya mong wa badumedi ya kileng a fihla a bolela kapa a bua se sebe ka wena.
22. Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”
23. Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.
24. Ba bang ba kgodiswa ke tseo a di buileng, empa ba bang ba se ke ba dumela.
25. Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,
26. wa re:“ <Tsamaya,o yo bolella setjhaba sena: o re:Ho utlwa le tla utlwa,empa le ke ke la utlwisisa;ho sheba le tla sheba,empa le ke ke la bona;
27. hobane pelo ya setjhaba senae thatafetse,se thibane ditsebe,se itutubaditse;esere mohlomongsa bona ka mahlo a sona,sa utlwa ka ditsebe tsa sona,sa utlwisisa ka pelo tsa sona,sa sokoloha,yaba ke a se fodisa.> ”