Diketso 28:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha re se re phonyohile, ra utlwa hore sehlekehleke seo se bitswa Maleta.

2. Baahi ba teng ba re bontsha mosa o moholo. Ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la mohatsela, ba besa mollo, ba re amohela bohle.

3. Yare hoba Paulosi a bokelle leqhawana la patsi, a le akgele mollong, noha e ntshwang ke mofuthu ya ithatela letsohong la hae.

4. Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”

5. Empa Paulosi a hlohlorela noha mollong, mme a se ke a tswa kotsi.

6. Ba ne ba lebeletse hore o se a le lekgatheng la ho ruruha, kapa la ho otlana fatshe hanghang, mme a shwe. Empa hoba ba lebelle halelele, mme ba se ke ba bona letho le phoso le etsahalang ho yena, ba fetola maikutlo a bona, ba re: “Ke modimo!”

7. Jwale, hona dikarolong tse haufi le sebaka seo, ho ne ho ena le masimo a morenana wa moo, ya bitswang Poboleose. A re amohela ka mosa, a re boloka matsatsi a mararo re le baeti ba hae.

8. Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa.

9. Yare hoba hona ho etsahale, le bakudi ba bang ba sehlekehlekeng ba tla, mme ba fodiswa.

10. Bao le bona ba re hlompha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tsamayang ba re etsetsa mofao.

11. Kamora kgwedi tse tharo ra kena ka sekepeng se tswang Alekesanderia, se neng se ile sa tshabela mariha sehlekehlekeng seo. Sekepe seo se ne se ena le letshwao la medimo ya Bagerike ya Mafahla.

12. Yare ha re fihla Sirakuse, ra hlola teng matsatsi a mararo.

13. Ho tloha moo ra tswela pele, ra ya fihla Regione. Kamora letsatsi le le leng moya wa borwa wa foka, mme ka letsatsi la boraro ra fihla Poteole.

14. Teng ra fumana badumedi. Ba re rapela hore re hlole matsatsi a supileng le bona. Qetellong ra fihla Roma.

15. Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo.

Diketso 28