Diketso 27:27-40 BIBELE (SSO89SO)

27. Ha re ntse re fefoha lewatleng la Adariya, ha e batla e eba hara mpa ya bosiu, bosiung ba leshome le metso e mene, batsamaisi ba sekepe ba bona eka ba atamela ho kang lebopo.

28. Yaba ba qhoqhotsa botebo ba metsi, mme ba fumana bo etsa dimethara tse mashome a mane. Hoba ba tsamatsamaye, ba qhoqhotsa hape, ba fumana bo se bo etsa dimethara tse mashome a mararo.

29. Ka ho tshaba ho thulana le mafika, ba akgela dingaparela tse nne, tse tswang ka setonong sa sekepe, ba lakatsa eka bosiu bo ka sa.

30. Yare ha batsamaisi ba sekepe ba rata ho baleha, ba se ba theoletse seketswana sa sekepe lewatleng, ba etsa eka ba akgela dingaparela tse tswang ka hloohong ya sona,

31. Paulosi a bua le molaodi wa ba lekgolo le bahlabani, a re: “Ha banna bao ba sa dule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.”

32. Yaba bahlabani ba kgaola mehala ya seketswana, ba a se tlohela, sa wela.

33. Yare ha bo tla sa, Paulosi a kgothaletsa bohle hore ba je, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le lebeletse, le sa je letho;

34. kahona ke le kgothaletsa hore le je, le tsebe ho phela, hobane ha ho le ya mong wa lona ya tla lahlehelwa le ke qoba ya moriri wa hae.”

35. Hoba a rialo, a nka bohobe, a boka Modimo pela bohle, a bo ngwatha, a qala ho ja.

36. Bohle ba kgothala, le bona ba eja.

37. Ka sekepeng re ne re le batho ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e tsheletseng.

38. Ha ba se ba kgotshe, ba imolla sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.

39. Ha bosiu bo esa, ba se ke ba tseba hore na ba lebopong lefe, empa ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rera ho sesisetsa sekepe hona teng, haeba ho ka etsahala.

40. Ba kgaola dingaparela, ba di tlohela lewatleng, mme ka yona nako eo ba lokolla le mehala ya masokwana a sekepe. Ba nto phahamisa seile e kapele hore e kge moya, ba lebisa sekepe lebopong.

Diketso 27