Diketso 27:18-33 BIBELE (SSO89SO)

18. Kaha re ne re patisitswe ke sefefo, ka le hlahlamang ba lahlela thoto lewatleng.

19. Ka tsatsi la boraro, ka matsoho a bona, ba qhaqholla tse tsamaisang sekepe, ba di lahlela lewatleng.

20. Ha ho sa bonahale letsatsi kapa dinaledi ka matsatsi a mangata, empa sefefo sona se ntse se befile haholo, jwale tshepo ya hore re tla pholoha ya fela tu!

21. Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena.

22. Empa le jwale ke sa le kgothaletsa ho kgoba matshwafo, hobane ha ho ya tla timela, haese sekepe feela.

23. Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona,

24. la re: <Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.>

25. Ka baka leo, banna, kgobang matshwafo, hobane ke tshepile Modimo hore ho tla ba jwalokaha ke boleletswe.

26. Empa eka kgona re hlatsetswe sehlekehlekeng se seng.”

27. Ha re ntse re fefoha lewatleng la Adariya, ha e batla e eba hara mpa ya bosiu, bosiung ba leshome le metso e mene, batsamaisi ba sekepe ba bona eka ba atamela ho kang lebopo.

28. Yaba ba qhoqhotsa botebo ba metsi, mme ba fumana bo etsa dimethara tse mashome a mane. Hoba ba tsamatsamaye, ba qhoqhotsa hape, ba fumana bo se bo etsa dimethara tse mashome a mararo.

29. Ka ho tshaba ho thulana le mafika, ba akgela dingaparela tse nne, tse tswang ka setonong sa sekepe, ba lakatsa eka bosiu bo ka sa.

30. Yare ha batsamaisi ba sekepe ba rata ho baleha, ba se ba theoletse seketswana sa sekepe lewatleng, ba etsa eka ba akgela dingaparela tse tswang ka hloohong ya sona,

31. Paulosi a bua le molaodi wa ba lekgolo le bahlabani, a re: “Ha banna bao ba sa dule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.”

32. Yaba bahlabani ba kgaola mehala ya seketswana, ba a se tlohela, sa wela.

33. Yare ha bo tla sa, Paulosi a kgothaletsa bohle hore ba je, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le lebeletse, le sa je letho;

Diketso 27