Diketso 27:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. a re: “Banna, ke hlokomela hore leeto lena le tla ba le kotsi le tshenyehelo e kgolo; e seng feela ya thepa le sekepe, empa le ya bophelo ba rona.”

11. Empa molaodi wa ba lekgolo a kgolwa motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se neng se bolelwa ke Paulosi.

12. Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.

13. Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete.

14. Empa kamora nakwana e se kae, ha theoha moya wa sefefo o matla, o tswang leboya-botjhabela.

15. Yare ha sekepe se tshwarwa ke sefefo, sa hlolwa ke moya, yaba re a se tlohela, sa fefoha.

16. Ra tsamaya re itshireleditse ka sehlekehlekenyana se bitswang Kauda, empa ra batla re thatafallwa ke ho pholosa seketswana sa sekepe.

17. Ba se hulela ka sekepeng. Ba tlama sekepe ka mehala, mme ka baka la ho tshaba ho qahwa lehlabatheng la Siretise, ba diha seile, ba lesa sekepe ho ya moo se ratang.

18. Kaha re ne re patisitswe ke sefefo, ka le hlahlamang ba lahlela thoto lewatleng.

19. Ka tsatsi la boraro, ka matsoho a bona, ba qhaqholla tse tsamaisang sekepe, ba di lahlela lewatleng.

20. Ha ho sa bonahale letsatsi kapa dinaledi ka matsatsi a mangata, empa sefefo sona se ntse se befile haholo, jwale tshepo ya hore re tla pholoha ya fela tu!

21. Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena.

Diketso 27