1. Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.
2. Ra kena ka sekepeng se tswang Adaramutinose, se neng se eya metseng e lebopong la Asia, re ena le Arisetarekose, wa Thesalonika, motse wa Masedonia, yaba re a tloha.
3. Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.
4. Ho tloha moo ra ikgohla ka sehlekehleke sa Sipera ka baka la meya e neng e re tobile.
5. Eitse hoba re tshele lewatle la Silesia le la Pamfilea, ra fihla Mira e Lokia.
6. Hona moo molaodi wa ba lekgolo a fumana sekepe se tswang Alekesanderia se yang Italia; a re palamisa ho sona.
7. Ra tsamaya butle ka matsatsi a seng makae, mme ra fihla Kenidose ka bothata. Erekaha moya o no re thibela, ra tsamaya re ikgohlile ka Kerete, re tobane le hlwahlwa ya Salemone.
8. Ra tsamaya ka bothata, re sikile le lebopo, ra ya fihla sebakeng se bitswang Kou tse Ntle, se haufi le motse wa Lasia.
9. Ho ne ho se ho fetile nako e telele, letsatsi la mokete wa Boinyatso le lona le se le fetile; kahoo le leeto la sekepe le ne le se le le kotsi. Paulosi a ba eletsa,
10. a re: “Banna, ke hlokomela hore leeto lena le tla ba le kotsi le tshenyehelo e kgolo; e seng feela ya thepa le sekepe, empa le ya bophelo ba rona.”
11. Empa molaodi wa ba lekgolo a kgolwa motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se neng se bolelwa ke Paulosi.
12. Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.