Diketso 26:24-32 BIBELE (SSO89SO)

24. Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”

25. Empa Paulosi a re: “Fesetose ya kgabane, ha ke hlanye, ke bua mantswe a nnete, a nang le kelello.

26. Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.

27. Kgosi Ageripa, na o dumela baporofeta? Ke a tseba hore o a dumela.”

28. Yaba Ageripa o re ho Paulosi: “O hloma eka o ka ntshokolla habonolo hakaalo hore ke be Mokreste!”

29. Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”

30. Ke ha kgosi le mmusisi le Berenike le ba neng ba dutse le bona, ba ema.

31. Hoba ba tswe, ba buisana, ba re: “Motho enwa ha a ya etsa letho le lokelwang ke lefu kapa ke tjhankana.”

32. Yaba Ageripa o re ho Fesetose: “Motho enwa a ka be a lokolotswe, hoja ha a a ka a ipiletsa ho Sesare.”

Diketso 26