13. Jwale, kgosi, hara mpa ya motsheare, ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong; ya nteela hare le bao ke neng ke tsamaya le bona.
14. Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: <Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!>
15. “Yaba ke re: <O mang, Morena?>“Morena a re: <Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.>
16. Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona.
17. Ke tla o namolela ho Bajuda le ho baditjhaba, bao nna ke o romang ho bona.
18. O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!
19. “Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.
20. Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.
21. Ke ka lebaka la tsena Bajuda ba ileng ba ntshwara ke le ka Tempeleng, mme ba leka ho mpolaya.
22. Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;
23. e leng hore Mesia o tla hlokofatswa, e be wa pele ho tsoha bafung, a tle a bontshe setjhaba sa Bajuda le baditjhaba lesedi.”
24. Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!”
25. Empa Paulosi a re: “Fesetose ya kgabane, ha ke hlanye, ke bua mantswe a nnete, a nang le kelello.
26. Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.
27. Kgosi Ageripa, na o dumela baporofeta? Ke a tseba hore o a dumela.”
28. Yaba Ageripa o re ho Paulosi: “O hloma eka o ka ntshokolla habonolo hakaalo hore ke be Mokreste!”
29. Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”
30. Ke ha kgosi le mmusisi le Berenike le ba neng ba dutse le bona, ba ema.