Diketso 26:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Ka fela ka di etsa Jerusalema. Ka matla ao ke a neilweng ke baprista ba baholo, ka kwalla ba bangata ba badumedi ditjhankaneng. Leha ba ne ba bolawa, ke ne ke ananela.

11. Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko.

12. “Yaba ke ya Damaseka ke neilwe matla le thomo ke baprista ba baholo.

13. Jwale, kgosi, hara mpa ya motsheare, ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong; ya nteela hare le bao ke neng ke tsamaya le bona.

14. Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: <Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!>

15. “Yaba ke re: <O mang, Morena?>“Morena a re: <Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.>

16. Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona.

Diketso 26