1. Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.”Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:
2. “Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda;
3. haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela.
4. “Bajuda bohle ba tseba kamoo ke phetseng kateng ho tloha botjheng ba ka. Ba tseba hore ho tloha kgale ke phetse hara setjhaba sa heso le mona Jerusalema.
5. Kaha ba ntsebile ho tloha kgale, haeba ba rata ba ka paka hore ke ile ka phela ke le Mofarisi, ke le wa mokga wa tumelo ya rona, o ditaelo di thata.
6. Jwale ka baka la ho tshepa tshepiso eo Modimo a e etseditseng bo-ntata rona, ke eme mona ho ahlolwa.
7. Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.