4. Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane.
5. Hape a re: “Ba ka bang le hona hara lona ba theohe le nna, mme haeba ho ena le letho le phoso ho monna eo, ba mo qose.”
6. Yare hoba a hlole le bona matsatsi a ka bang robedi, kapa a leshome, a theohela Sesaria. Ka le hlahlamang a dula setulong sa boahlodi, a laela hore Paulosi a tliswe.
7. Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.