Diketso 25:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. Ka le hlahlamang, ha ba se ba tlile kwano, ke ile ka dula setulong sa boahlodi ntle ho tikatiko, mme ka laela hore monna eo a tliswe.

18. Ha baqosi ba ema ba sitwa ho hlahisa le e nngwe ya diqoso tse mpe, tseo ke neng ke di nahanne.

19. Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela.

20. Ka ho tsietswa ke taba tsena, ka re na a ka rata ho ya Jerusalema, hore taba tsena di yo ahlolelwa teng.

21. Empa Paulosi a ipiletsa hore a bolokwe tjhankaneng, a emele kahlolo ya Motlotlehi. Ke ile ka laela hore a bolokwe ho fihlela nka mo romela ho Sesare.”

22. Ageripa a re ho Fesetose: “Le nna nka rata ho utlwa motho eo.”Fesetose a re ho yena: “O tla mo utlwa hosasane.”

23. Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa.

24. Fesetose a re: “Kgosi Ageripa, le lona banna bohle ba teng mona, le bona monna enwa, eo setjhaba sohle sa Bajuda se ipileditseng ho nna ka yena ke le Jerusalema leha ke le mona, sa howa, sa re ha a sa tshwanetse ho nna a phela.

25. Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.

26. Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.

27. Ho nna ho bonahala eka e ka ba ho hloka kelello ho romela motshwaruwa ke sa bontshe melato eo a qoswang ka yona.”

Diketso 25