Diketso 25:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema.

2. Baprista ba baholo le baetapele ba Bajuda ba qosa Paulosi. Ba rapela Fesetose,

3. ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye.

4. Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane.

5. Hape a re: “Ba ka bang le hona hara lona ba theohe le nna, mme haeba ho ena le letho le phoso ho monna eo, ba mo qose.”

6. Yare hoba a hlole le bona matsatsi a ka bang robedi, kapa a leshome, a theohela Sesaria. Ka le hlahlamang a dula setulong sa boahlodi, a laela hore Paulosi a tliswe.

7. Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.

8. Paulosi a ikarabella ka ho re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Sejuda, kapa Tempele, esita le Sesare.”

9. Empa Fesetose, ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, a botsa Paulosi, a re: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema ho ya ahlolelwa diqoso tsee kapele ho nna na?”

10. Paulosi a re: “Ke eme kapele ho lekgotla la Sesare la boahlodi, moo ke lokelang ho ahlolelwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda ka letho, jwalokaha le wena o tseba hantle.

11. Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”

12. Hoba Fesetose a buisane le lekgotlana la hae, a re: “O ipileditse ho Sesare; o tla ya kapele ho Sesare.”

13. Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.

14. Ha ba qetile matsatsi a mangata ba le moo, Fesetose a bolella kgosi ditaba tse amanang le Paulosi, a re: “Ho na le monna e mong eo Felekise a mo siileng e le motshwaruwa.

Diketso 25