8. O bile o laetse baqosi ba hae ho tla kapele ho wena. Ha o se o mo hlahlobisisitse, o tla tseba ka ho tlala tsohle tseo re mo qosang ka tsona.”
9. Bajuda le bona ba mo tlatsa, ba re tseo di jwalo.
10. Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona.
11. Jwalokaha o ka tseba, ha ho eso fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ho tloha ha ke nyolohela Jerusalema, ho ya kgumamela Modimo.
12. Ha ba ya ka ba mphumana ka Tempeleng ke buisana le motho, kapa ke tsosa moferefere hara letshwele, leha e le ka tlung ya thapelo kapa hara motse.
13. Le tseo ba nqosang ka tsona ha ba ka ke ba tseba ho di pakahatsa.
14. Ke ipolela ho wena hore Tsela ena eo ba reng ke ya mokga osele, ke eo ke rapelang Modimo ka yona. Empa ke ntse ke dumela tsohle tse dumellanang le Molao le tse ngotsweng dibukeng tsa Baporofeta.