18. Ba mphumane ke le ka Tempeleng, ke itlhwekisitse, ho se na letshwele kapa moferefere.
19. Empa ho ne ho ena le Bajuda ba bang ba tswang Asia, bao haeba ba ne ba ena le qoso ho nna, ba ka beng ba le teng kapela hao ho nqosa.
20. Kapa bona bana ba bolele molato oo ba o fumaneng ha ke ne ke eme kapele ho lekgotla;
21. haese haeba ke ka baka la polelo ena e le nngwe, eo ke e buileng ke eme hara bona, ka re: <Kajeno ke ahlolwa kapele ho lona ka taba ya tsoho ya bafu.> ”
22. Jwale Felekise ka ho tsebisisa tse ngata tsa Tsela ena a thisisa nyewe, a re: “Ke tla etsa qeto tabeng ya lona ha molaodi wa ba sekete, Losiase, a se a fihlile.”
23. A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.
24. Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.
25. Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”