1. Kamora matsatsi a mahlano Moprista e Moholo, Ananiase, a theoha le baholo ba bang, le mmuelli e mong ya bitswang Teretulose, ba qosa Paulosi kapele ho mmusisi.
2. Hoba Paulosi a bitswe, Teretulose a qala nyewe, a re: “Mohlomphehi Felekise ya kgabane, ke ka wena re fumaneng kgotso e tiileng. Dintjhafatso di bile teng setjhabeng sena ka ho ba sedi ha hao.
3. Kamehla, le kahohle, re di amohela ka teboho e kgolo.
4. Empa, hore ke se o senyetse nako, ke rapela hore o ko be le mamello ho re utlwa ho se hokae.
5. “Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha.
6. O lekile le ho tlontlolla Tempele, ra ba ra rata ho mo ahlola ka Molao wa rona.
7. Empa Losiase, molaodi wa ba sekete, o fihlile a mo nka matsohong a rona ka dikgoka.
8. O bile o laetse baqosi ba hae ho tla kapele ho wena. Ha o se o mo hlahlobisisitse, o tla tseba ka ho tlala tsohle tseo re mo qosang ka tsona.”
9. Bajuda le bona ba mo tlatsa, ba re tseo di jwalo.