Diketso 23:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”

7. Hoba a rialo phapang ya hlaha mahareng a Bafarisi le Basaduke, mme lekgotla la arohana.

8. Basaduke ba ne ba re ha ho tsoho ya bafu, ha ho mangeloi, ha ho meya; athe Bafarisi ba ne ba lumela tsena tsohle.

9. Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”

10. Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.

11. Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”

12. Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.

13. Ba entseng morero ona ba ne ba feta mashome a mane.

14. Ba ya ho baprista ba baholo, le ho baholo ba setjhaba, ba re: “Re se re ikanne hore ha re ka ke ra latswa letho, re eso bolaye Paulosi.

15. Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”

Diketso 23