Diketso 23:30-35 BIBELE (SSO89SO)

30. Eitse hoba ke longwe tsebe hore monna enwa o rerilwe, ka mo romela ho wena ka potlako, ka laela le baqosi ba hae hore ba tlo bolela kapele ho wena seo ba mo qosang ka sona.”

31. Jwale bahlabani, kamoo ba laetsweng kateng, ba nka Paulosi le bosiu, ba mo isa Antipaterise.

32. Ka la hosasane ba maoto ba kgutlela qhobosheaneng, ba siya bapalami ho tswela pele le yena.

33. Ha ba fihla Sesaria ba neelana ka lengolo la mmusisi, mme ba siya Paulosi matleng a hae.

34. Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re:

35. “Ke tla o mamela ha baqosi ba hao le bona ba se ba fihlile.” Mmusisi a laela hore Paulosi a bolokwe tlung ya Heroda ya bokgosi.

Diketso 23