Diketso 23:12-29 BIBELE (SSO89SO)

12. Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.

13. Ba entseng morero ona ba ne ba feta mashome a mane.

14. Ba ya ho baprista ba baholo, le ho baholo ba setjhaba, ba re: “Re se re ikanne hore ha re ka ke ra latswa letho, re eso bolaye Paulosi.

15. Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”

16. Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.

17. Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”

18. Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.”

19. Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?”

20. A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae.

21. Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”

22. Yaba molaodi wa ba sekete o lokolla mohlankana hore a tsamaye, a mo laela, a re: “O se ke wa bolella motho hore o ntomme tsebe.”

23. Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.

24. Le dipere di be teng, ba tle ba palamise Paulosi, ba yo mo fihlisa ho mmusisi Felekise a sa hlahelwa ke kotsi.”

25. Yaba o ngola lengolo le reng:

26. “Nna, Tlelaudiose Losiase, ke dumedisa Mohlomphehi ya kgabane, mmusisi Felekise.

27. Monna enwa o na tshwerwe ke Bajuda, mme ba le lekgatheng la ho mmolaya. Ha ke utlwa hore ke Moroma, ka fihla ka bahlabani, ka mo namolela.

28. Kaha ke ne ke rata ho tseba ka ho tlala seo ba mo qosang ka sona, ke ile ka mo isa lekgotleng la bona.

29. Ke fumane hore ha ho letho leo a qoswang ka lona le tshwanelwang ke lefu kapa tjhankana; o qoswa ka kgang e amanang le Molao wa bona.

Diketso 23