11. Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.”
12. Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.
13. Ba entseng morero ona ba ne ba feta mashome a mane.
14. Ba ya ho baprista ba baholo, le ho baholo ba setjhaba, ba re: “Re se re ikanne hore ha re ka ke ra latswa letho, re eso bolaye Paulosi.
15. Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”
16. Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.
17. Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”
18. Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.”
19. Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?”
20. A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae.
21. Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”
22. Yaba molaodi wa ba sekete o lokolla mohlankana hore a tsamaye, a mo laela, a re: “O se ke wa bolella motho hore o ntomme tsebe.”
23. Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.