1. Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”
2. Yaba Moprista e Moholo, Ananiase, o laela ba pela Paulosi ho mo wahlela molomong.
3. Jwale Paulosi a re ho yena: “Moikaketsi towe! Modimo o tla o otla! O dutse mono hore o nkahlole ka Molao, empa o fapana le Molao, o laela hore ke otlwe.”
4. Ba emeng haufi le Paulosi ba re: “O hlo hlapaole Moprista e Moholo wa Modimo?”
5. Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: <O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.> ”
6. Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”
7. Hoba a rialo phapang ya hlaha mahareng a Bafarisi le Basaduke, mme lekgotla la arohana.
8. Basaduke ba ne ba re ha ho tsoho ya bafu, ha ho mangeloi, ha ho meya; athe Bafarisi ba ne ba lumela tsena tsohle.
9. Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”
10. Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.