Diketso 22:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. “Ka araba, ka re: <O mang, Morena?>“Yaba o re ho nna: <Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.>

9. Ba neng ba ena le nna ba ile ba bona lesedi, empa ha ba ya ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng.

10. “Ka re: <Ke etse jwang, Morena?>“Morena a re ho nna: <Tsoha, o kene Damaseka, mme teng o tla bolellwa tsohle tseo Modimo a rerileng hore o di etse.>

11. Kaha ke ne ke foufaditswe ke kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke ena le bona ba ntataisa ka letsoho, mme ka ya fihla Damaseka.

12. “Jwale monna e mong ya bitswang Ananiase, ya hlomphang Modimo ho ya ka Molao, ya pakwang ke Bajuda bohle ba ahileng moo,

13. a tla ho nna, mme a ema pela ka, a re: <Saule, ngwaneso, boela o bone!> Ka yona nako eo ka boela ka foufoloha, mme ka mmona.

14. “A re: <Modimo wa bo-ntata rona o o kgethile hore o tsebe thato ya hae, o bone Ya Lokileng, mme o utlwe lentswe le tswang molomong wa hae,

15. hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle, o pake tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.

16. Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.>

Diketso 22