23. Ha ba ntse ba howeletsa, ba hlobola diaparo tsa bona, ba kgophola marole.
24. Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo.
25. Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”
26. Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?”
27. Molaodi wa ba sekete a atamela, a re ho Paulosi: “Mpolelle, na o Moroma?”A re: “E.”
28. Molaodi a araba, a re: “Nna ke rekile Boroma bona ka tjhelete e ngata!”Paulosi a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.”
29. Ba neng ba le lekgatheng la ho mo hlokofatsa, ba sutha hanghang ho yena. Le molaodi a tshoha ha a utlwa hore Paulosi ke Moroma, hobane o ne a se a mo tlamile.
30. Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.