17. “Ha ke kgutletse Jerusalema, mme ke ntse ke rapela ka Tempeleng, ka ba le pono.
18. Ka bona Morena, mme a re ho nna: <Phakisa o tlohe Jerusalema kapelepele, hobane ha ba ka ke ba amohela bopaki boo o mpakang ka bona.>
19. “Ka re: <Morena, ba a tseba hore ba dumelang ho wena ke ne ke ba hlahlela tjhankaneng, ke ba shapela ka matlung a thapelo.
20. Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang.>
21. “A re ho nna: <Eya, hobane ke tla o roma hole, ditjhabeng!> ”
22. Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”
23. Ha ba ntse ba howeletsa, ba hlobola diaparo tsa bona, ba kgophola marole.
24. Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo.
25. Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?”
26. Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?”
27. Molaodi wa ba sekete a atamela, a re ho Paulosi: “Mpolelle, na o Moroma?”A re: “E.”
28. Molaodi a araba, a re: “Nna ke rekile Boroma bona ka tjhelete e ngata!”Paulosi a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.”