1. “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”
2. Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re:
3. “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.
4. Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng.
5. Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.
6. “Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.
7. Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: <Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?>