Diketso 22:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”

2. Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re:

3. “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.

4. Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng.

Diketso 22