Diketso 21:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. Ha re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tswela pele, bohle ba re felehetsa, ka basadi le ka bana, ho fihlela kantle ho motse. Ra kgumama lebopong la lewatle, ra rapela;

6. ra dumedisana, mme ra kena ka sekepeng, ha bona ba kgutlela mahabona.

7. Hoba re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Potolemaise, mme teng ra dumedisa badumedi, ra hlola le bona tsatsi le le leng.

8. Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.

9. Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.

10. Ha re hlotse teng matsatsi a mangata, ha fihla moporofeta e mong ya tswang Judea, ya bitswang Agabuse.

11. A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: <Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.> ”

12. Yare ha re utlwa hona, rona le ba sebaka seo ra rapela Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.

13. Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”

Diketso 21