3. Yare hoba re hlahele Sipera, mme re e nee letsoho le letshehadi, ra tshelela Siria ka sekepe, ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tshwanetse ho laolla thoto teng.
4. Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
5. Ha re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tswela pele, bohle ba re felehetsa, ka basadi le ka bana, ho fihlela kantle ho motse. Ra kgumama lebopong la lewatle, ra rapela;
6. ra dumedisana, mme ra kena ka sekepeng, ha bona ba kgutlela mahabona.
7. Hoba re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Potolemaise, mme teng ra dumedisa badumedi, ra hlola le bona tsatsi le le leng.
8. Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.
9. Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.
10. Ha re hlotse teng matsatsi a mangata, ha fihla moporofeta e mong ya tswang Judea, ya bitswang Agabuse.
11. A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: <Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.> ”
12. Yare ha re utlwa hona, rona le ba sebaka seo ra rapela Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
13. Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”
14. Yare ha a hana ho rapeleha, ra ineela, ra re: “A ho etswe thato ya Morena!”
15. Kamora matsatsi ao, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema.
16. Ba bang ba barutuwa ba Sesaria ba ya le rona; ba re isa ha e mong ya bitswang Menasone wa Sipera, morutuwa wa kgale, eo re neng re ilo hlola le yena.
17. Ha re fihla Jerusalema, badumedi ba re amohela ka thabo.
18. Ka letsatsi le hlahlamang Paulosi a ya le rona ho Jakobo, mme baholo bohle ba ne ba le teng.
19. Hoba a ba dumedise, a ba qaqisetsa ka ho tlala, ka tlhahlamano, tseo Modimo a di entseng ho baditjhaba ka bosebeletsi ba hae.
20. Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.
21. Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.
22. Ha ho le jwalo, ho ka thweng? Ha ho pelaelo, ba tla utlwa hore o tlile.
23. Ka lebaka leo, etsa seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane, ba ikanneng.