Diketso 21:26-34 BIBELE (SSO89SO)

26. Yaba ka letsatsi le hlahlamang Paulosi o nka banna bao, mme hoba a itlhwekise le bona, a kena ka Tempeleng, a bolela letsatsi leo nako ya tlhwekiso e tla fela ka lona, ho nto hlahiswa nyehelo bakeng sa e mong le e mong wa bona.

27. Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.

28. Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”

29. Ba ne ba ile ba bona pele ho moo Terofimose wa Efese a ena le Paulosi motseng, ba hopola eka Paulosi o ile a mo kenya ka Tempeleng.

30. Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.

31. Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng.

32. A nka bahlabani le balaodi ba ba lekgolo ka potlako, a phallela ho bona. Yare ha batho ba bona molaodi wa ba sekete le bahlabani, ba kgaotsa ho teteka Paulosi.

33. Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.

34. Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng.

Diketso 21