Diketso 21:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.

21. Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.

22. Ha ho le jwalo, ho ka thweng? Ha ho pelaelo, ba tla utlwa hore o tlile.

23. Ka lebaka leo, etsa seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane, ba ikanneng.

24. Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao.

25. Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.”

26. Yaba ka letsatsi le hlahlamang Paulosi o nka banna bao, mme hoba a itlhwekise le bona, a kena ka Tempeleng, a bolela letsatsi leo nako ya tlhwekiso e tla fela ka lona, ho nto hlahiswa nyehelo bakeng sa e mong le e mong wa bona.

27. Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.

28. Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”

29. Ba ne ba ile ba bona pele ho moo Terofimose wa Efese a ena le Paulosi motseng, ba hopola eka Paulosi o ile a mo kenya ka Tempeleng.

30. Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.

Diketso 21