12. Yare ha re utlwa hona, rona le ba sebaka seo ra rapela Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
13. Empa Paulosi a araba, a re: βLe etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.β
14. Yare ha a hana ho rapeleha, ra ineela, ra re: βA ho etswe thato ya Morena!β
15. Kamora matsatsi ao, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema.