Diketso 21:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha re se re kgaohane le bona, ra kena ka sekepeng, ra toba Kose; ka letsatsi le hlahlamang ra fihla Rodose, mme ha re tloha moo, ra ya Patara.

2. Ra fumana sekepe se tshelelang Fenisia, ra kena ka ho sona, mme ra tloha.

3. Yare hoba re hlahele Sipera, mme re e nee letsoho le letshehadi, ra tshelela Siria ka sekepe, ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tshwanetse ho laolla thoto teng.

4. Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema.

5. Ha re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tswela pele, bohle ba re felehetsa, ka basadi le ka bana, ho fihlela kantle ho motse. Ra kgumama lebopong la lewatle, ra rapela;

6. ra dumedisana, mme ra kena ka sekepeng, ha bona ba kgutlela mahabona.

7. Hoba re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Potolemaise, mme teng ra dumedisa badumedi, ra hlola le bona tsatsi le le leng.

8. Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.

9. Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.

10. Ha re hlotse teng matsatsi a mangata, ha fihla moporofeta e mong ya tswang Judea, ya bitswang Agabuse.

11. A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: <Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.> ”

Diketso 21