8. Ho ne ho ena le mabone a mangata ka kamoreng e kahodimo, moo re neng re phuthehetse teng.
9. Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele.
10. Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.”
11. A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela.
12. Ba tlisa mohlankana a phela, mme ba tshediseha haholo.
13. Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto.
14. Ha a teana le rona Asose, ra mo palamisa, ra ya fihla Mitulene.
15. Ra tloha teng ka sekepe, mme ka la hosasane ra feta pela Kiose. Ka le hlahlamang ra tshelela Samose, yare ho esa ra fihla Mileta.
16. Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.
17. Jwale ha a le Mileta, a romela Efese ho bitsa baholo ba kereke.
18. Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia,
19. ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.
20. Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,
21. ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.
22. “Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng,
23. haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse.
24. Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
25. “Jwale bonang, ke a tseba hore lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke phatlalatsa tsa Mmuso, ha le sa tla bona sefahleho sa ka hape.
26. Ka baka leo, ke etsa bopaki ho lona ka tsatsi lena, hore ha ke na molato mading a lona bohle,
27. hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.