Diketso 20:6-23 BIBELE (SSO89SO)

6. Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.

7. Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.

8. Ho ne ho ena le mabone a mangata ka kamoreng e kahodimo, moo re neng re phuthehetse teng.

9. Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele.

10. Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.”

11. A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela.

12. Ba tlisa mohlankana a phela, mme ba tshediseha haholo.

13. Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto.

14. Ha a teana le rona Asose, ra mo palamisa, ra ya fihla Mitulene.

15. Ra tloha teng ka sekepe, mme ka la hosasane ra feta pela Kiose. Ka le hlahlamang ra tshelela Samose, yare ho esa ra fihla Mileta.

16. Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.

17. Jwale ha a le Mileta, a romela Efese ho bitsa baholo ba kereke.

18. Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia,

19. ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.

20. Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,

21. ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.

22. “Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng,

23. haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse.

Diketso 20