Diketso 20:27-38 BIBELE (SSO89SO)

27. hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.

28. Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.

29. Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape.

30. Esita le ho lona ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha nnete, ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.

31. Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.

32. “Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.

33. Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho.

34. Le lona le a tseba hore matsoho ana a ile a sebeletsa seo nna, le bao ke neng ke ena le bona, re neng re se hloka.

35. Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: <Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!> ”

36. Hoba a bolele tsena, a kgumama, a rapela le bona bohle.

37. Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.

38. Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.

Diketso 20