Diketso 19:33-41 BIBELE (SSO89SO)

33. Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.

34. Empa ha ba lemoha hore ke Mojuda, bohle ba howa ka ntswe le le leng, dihora tse ka bang pedi, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”

35. Yare hoba mongodi wa motse a kgutsise letshwele, a re: “Banna ba Efese, ekaba ke motho ofe ya sa tsebeng kamoo motse wa Efese e leng mmaballi wa tempele ya mofumahadi Aretemise e moholo, le wa setshwantsho se weleng lehodimong kateng?

36. Ha ho ya ka hanyetsang tsena; ka baka leo, eka kgona le kgutse, le se ke la etsa letho ka potlako.

37. Le tlisitse banna bana, bao e seng mashodu a tse ka tempeleng, kapa banyefodi ba modimo wa rona.

38. Haeba Demetriose le basebetsi bao a nang le bona ba na le hoo ba ka qosang motho ka hona, lekgotla le butswe, mme ho na le baahlodi; a ba ke ba qosane teng.

39. Empa haeba le batla ho hong hape, hoo ho ka hlahlojwa pitsong ya molao.

40. Etswe re kotsing ya ho qoswa ka moferefere wa kajeno, le hoja ho se seo re ka se arabelang lereberebeng lena.”

41. Hoba a rialo, a qhala mokgopi.

Diketso 19