Diketso 19:21-34 BIBELE (SSO89SO)

21. Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”

22. Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.

23. Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena.

24. Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata.

25. A ba phutha mmoho le basebetsi ba tse jwalo, a re: “Banna, le a tseba hore katleho ya rona e tswa kgwebong ena.

26. Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.

27. Hase kgwebo ena ya rona feela e kotsing ya ho nyediseha, empa le yona tempele ya mofumahadi Aretemise, modimo o moholo, e lekgatheng la ho tadingwa e le lefeela, le boholo ba hae bo nyenyefatswe, yena eo naha yohle ya Asia le lefatshe lohle le mo hlomphang.”

28. Ha ba utlwa tsena, ba halefa haholo, ba howa, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”

29. Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.

30. Yare ha Paulosi a rata ho kena mokgoping oo, barutuwa ba mo hanela.

31. Ba bang ba ka sehloohong pusong ya Asia, bao e neng e le metswalle ya hae, le bona ba mo romela molaetsa, ba mo rapela hore a se ke a ya itlhahisa lebaleng la dipapadi.

32. Jwale ba bang ba howa dintho tse fapaneng, hobane phutheho e ne e ferekane, mme bongata bo sa tsebe hore na bo phuthehetseng.

33. Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.

34. Empa ha ba lemoha hore ke Mojuda, bohle ba howa ka ntswe le le leng, dihora tse ka bang pedi, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”

Diketso 19