16. Yaba monna ya nang le moya o mobe o a ba tlolella, mme a ba hlola bohle ka matla, ba ba ba baleha tlung eo ba tsotse, ba le maqeba.
17. Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.
18. Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng.
19. Ba bangata ba neng ba loya ba bokella dibuka, ba di tjhesa pontsheng ya bohle. Ha ba kopanya theko ya dibuka, ba fumana e le dikete tse mashome a mahlano tsa silefera.
20. Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala.
21. Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”
22. Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.
23. Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena.
24. Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata.
25. A ba phutha mmoho le basebetsi ba tse jwalo, a re: “Banna, le a tseba hore katleho ya rona e tswa kgwebong ena.
26. Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.
27. Hase kgwebo ena ya rona feela e kotsing ya ho nyediseha, empa le yona tempele ya mofumahadi Aretemise, modimo o moholo, e lekgatheng la ho tadingwa e le lefeela, le boholo ba hae bo nyenyefatswe, yena eo naha yohle ya Asia le lefatshe lohle le mo hlomphang.”
28. Ha ba utlwa tsena, ba halefa haholo, ba howa, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!”
29. Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.