Diketso 19:10-25 BIBELE (SSO89SO)

10. Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.

11. Modimo a etsa diketso tse matla, tse sa tlwaelehang, ka matsoho a Paulosi,

12. hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.

13. Bajuda ba bang ba baleleri, ba lelekang meya e mebe, le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba nang le meya e mebe, ba re: “Ke le laela ka lebitso la Jesu ya bolelwang ke Paulosi.”

14. Ba etsang hona e ne e le bara ba supileng ba Moprista e Moholo wa Mojuda ya bitswang Sekefa.

15. Empa moya o mobe wa araba, wa re ho bona: “Jesu ke a mo tseba, esita le yena Paulosi ke a mo tseba, empa lona le bo-mang?”

16. Yaba monna ya nang le moya o mobe o a ba tlolella, mme a ba hlola bohle ka matla, ba ba ba baleha tlung eo ba tsotse, ba le maqeba.

17. Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.

18. Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng.

19. Ba bangata ba neng ba loya ba bokella dibuka, ba di tjhesa pontsheng ya bohle. Ha ba kopanya theko ya dibuka, ba fumana e le dikete tse mashome a mahlano tsa silefera.

20. Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala.

21. Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”

22. Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.

23. Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena.

24. Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata.

25. A ba phutha mmoho le basebetsi ba tse jwalo, a re: “Banna, le a tseba hore katleho ya rona e tswa kgwebong ena.

Diketso 19