Diketso 18:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona,

3. mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente.

4. A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.

5. Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia.

6. Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”

7. Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo.

8. Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.

9. Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.

10. Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.”

11. A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona.

12. Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,

13. ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”

14. Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle,

15. empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.”

Diketso 18