Diketso 18:17-28 BIBELE (SSO89SO)

17. Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena.

18. Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.

19. Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.

20. Bona ba mo kopa hore a hlole nako e teletsana, empa a se ke a dumela,

21. a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.

22. Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.

23. Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.

24. Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala.

25. O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.

26. A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang.

27. Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo,

28. hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia.

Diketso 18