Diketso 17:19-32 BIBELE (SSO89SO)

19. Ba mo nka, ba mo isa lekgotleng la Areopagose, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto ee e ntjha eo o e bolelang ke efe?

20. O re tlisetsa ditaba ding, tse re hlohlontshang ditsebe? Ka baka leo, re rata ho tseba hore na ekaba tsena di bolela eng.”

21. Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.

22. Jwale Paulosi a ema hara lekgotla la Areopagose, a re: “Banna ba Athene, ke hlokomela hore ka mekgwa yohle le hlompha medimo ya lona haholo.

23. Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.

24. “Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.

25. Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.

26. O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,

27. e le hore di batle Modimo, haeba di ka mo phopholetsa, tsa mo fumana, le hoja ruri a se hole le e mong le e mong wa rona.

28. “Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse:“ <Hobane re bile re bana ba hae.>

29. “Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.

30. Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,

31. hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”

32. Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”

Diketso 17