Diketso 17:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. Empa Bajuda ba Thesalonika ha ba utlwa hore Paulosi o boletse lentswe la Modimo le Berea, le teng ba ya, ba tsosa moferefere, ba ferekanya matshwele.

14. Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.

15. Batho ba feleheditseng Paulosi ba mo fihlisa Athene, mme hoba ba newe taelo e yang ho Silase le Timothea, e reng bao ba tle ho Paulosi kapelepele, ba kgutla.

16. Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata.

17. Kahoo ka tsatsi le leng le le leng a buisana le Bajuda ba tshabang Modimo ka tlung ya thapelo, le ba ka tshohang ba eba teng lebaleng la motse.

18. Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?”Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.

19. Ba mo nka, ba mo isa lekgotleng la Areopagose, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto ee e ntjha eo o e bolelang ke efe?

20. O re tlisetsa ditaba ding, tse re hlohlontshang ditsebe? Ka baka leo, re rata ho tseba hore na ekaba tsena di bolela eng.”

21. Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.

22. Jwale Paulosi a ema hara lekgotla la Areopagose, a re: “Banna ba Athene, ke hlokomela hore ka mekgwa yohle le hlompha medimo ya lona haholo.

23. Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.

24. “Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.

25. Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.

Diketso 17