Diketso 17:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka baka leo, ba bangata ba bona ba dumela, le basadi ba hlomphehang ba Bagerike, le banna ba bangata.

13. Empa Bajuda ba Thesalonika ha ba utlwa hore Paulosi o boletse lentswe la Modimo le Berea, le teng ba ya, ba tsosa moferefere, ba ferekanya matshwele.

14. Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.

15. Batho ba feleheditseng Paulosi ba mo fihlisa Athene, mme hoba ba newe taelo e yang ho Silase le Timothea, e reng bao ba tle ho Paulosi kapelepele, ba kgutla.

16. Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata.

Diketso 17