1. Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda.
2. Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo.
3. A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”
4. Ba bang ba bona ba dumela, mme ba sebedisana le Paulosi le Silase, le bongata bo boholo ba Bagerike ba kgumamelang Modimo, le basadi ba bangata ba ka sehloohong.
5. Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.
6. Ha ba sa ba fumane, ba hulanyetsa Jasone le badumedi ba bang kapela bo-ramotse, ba ntse ba howa, ba re: “Banna bana ba ferekantseng dibaka tsohle, le mona ba tlile,
7. mme Jasone o ba amohetse. Batho bana bohle ba etsa se lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re ho na le kgosi e nngwe, e leng Jesu!”
8. Ba ferekanya letshwele le bo-ramotse ba utlwang ditaba tsena,
9. mme yare hoba Jasone le ba bang ba lefe tjhelete ya tebeletso, ba ba lokolla.
10. Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.
11. Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.