Diketso 16:8-26 BIBELE (SSO89SO)

8. Yaba ba feta Misia, ba theohela Terowase.

9. Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”

10. Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.

11. Yare hoba re tlohe Terowase ka sekepe, ra toba Samotherake; ka le hlahlamang ra ya Neapolese.

12. Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.

13. Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.

14. Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.

15. Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.

16. Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.

17. La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!”

18. La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.

19. Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.

20. Ba ba isa ho baahlodi, ba re: “Batho bana, ere e le Bajuda, ba ferekanya motse wa rona!

21. Ba ruta meetlo eo rona re le Baroma, re sa dumellweng ho e amohela, leha e le ho e phetha.”

22. Letshwele la kopana, la ba tsohela matla, baahlodi ba ba tabolela diaparo, mme ba laela hore ba shapuwe.

23. Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata.

24. Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.

25. Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.

26. Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha.

Diketso 16