Diketso 16:28-37 BIBELE (SSO89SO)

28. Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”

29. Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase.

30. A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”

31. Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”

32. Ba mmolella lentswe la Morena le bohle ba lelapa la hae.

33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a thoba metopa ya bona, a ba a kolobetswa kapelepele le bohle ba lelapa la hae.

34. A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.

35. Ha bo esa, baahlodi ba roma mapolesa, ba re: “Lokollang batho bano.”

36. Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”

37. Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!”

Diketso 16