Diketso 16:21-29 BIBELE (SSO89SO)

21. Ba ruta meetlo eo rona re le Baroma, re sa dumellweng ho e amohela, leha e le ho e phetha.”

22. Letshwele la kopana, la ba tsohela matla, baahlodi ba ba tabolela diaparo, mme ba laela hore ba shapuwe.

23. Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata.

24. Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.

25. Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.

26. Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha.

27. Yare ha molebedi wa tjhankana a phaphama, mme a bona menyako ya tjhankana e butswe, a tsomula sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho lekanya hore batshwaruwa ba phonyohile.

28. Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”

29. Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase.

Diketso 16